BIBELE e Halalelang

Esaia 14:13-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. O ne o re pelong ya hao: Ke tla hlwella lehodimong, ke bee terone ya ka kahodima dinaledi tsa Modimo, ke dule thabeng ya phutheho pheletsong ya leboya;

14. ke tla phahama hodima maru, ke be ke tshwane le Mookamedi ya phahameng!

15. Athe o dihetswe nqalong ya bafu, sekoting se tebileng.

16. Ba o bonang ba nyarela ho wena, ba o tadimisisa haufi, ba re: Na ke eo monna ya neng a sisinya lefatshe, ya neng a thetheretsa mebuso ya lona,

17. ya entseng lefatshe nahathothe, ya rapaladitseng metse ya lona, ya sa kang a lokolla ba kgolehong ya hae na?

18. Haele marena wohle a ditjhaba, a epetswe ka hlonepho, e mong le e mong lebitleng la hae.

19. Empa wena, o lahlilwe hole le lebitla la hao, jwaloka lehlomela le lebe le nyatsuwang, le jwaloka kobo ya ba bolailweng ka lerumo, ba lahlelwang lengopeng hara majwe, le jwaloka setopo se hatakelwang ka maoto.

20. Ha o a ka wa abelwa lebitla le wona, e le kahobane o sentse lefatshe la hao, o bolaile setjhaba sa hao; leloko la ba bolotsana le ke ke la hlola le bolelwa le ka mohla o le mong.

21. Lokisetsang bana ba hae polao ka baka la bokgopo ba ntata bona, ba tle ba se ke ba tsoha, ba rua lefatshe, ba se ke ba tlatsa lefatshe ka metse ya bona.

22. Hobane ke tla tloha ke ba lwantshe, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla fedisa lebitso la Babilona, le ho setseng ha hae, lekala le lehlomela, ho bolela Jehova.

23. Ke tla mo etsa letsaba la dihlong, le matsha a ditebetebe, ke mo fiele ka lefielo la tshenyo, ho bolela Jehova wa makgotla.

24. Jehova wa makgotla o hlapantse, a re: Ruri, seo ke se hopotseng, se tla etsahala; le seo ke se rerileng, se tla hlaha.

25. Ke tla roba Baassiria lefatsheng la ka, ke ba hatakele ka maoto dithabeng tsa ka, hore batho ba ka ba lokollwe jokong ya bona, ba jarollwe phahlo ya bona melaleng ya bona.

26. Ke wona morero o rerilweng hodima lefatshe lohle, ke lona letsoho le otlolletsweng hodima ditjhaba tsohle.

27. Hobane Jehova wa makgotla o rerile; ke mang ya ka hanang? Letsoho la hae le otlolohile; ya ka le honyetsang ke mang?

28. Ka selemo seo Akase a shweleng ka sona, ha bolelwa boporofeta bona, ha thwe:

29. Wena naha ya Filistia, o se ke wa thaba, ke hobane thupa e neng e o otla e robehile; hobane motsong wa noha ho tla tswa qowane, mme tholwana ya yona e tla ba drakone e fofang.

30. Bahloki ba hlokang haholo ba tla kgora, bafumanehi ba phomole ka kgotso; empa ke tla timetsa motso wa hao ka tlala, ho setseng ho wena ho tla bolawa.