BIBELE e Halalelang

Esaia 13:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Boporofeta hodima Babilona, bo senoletsweng Esaia, mora Amotse:

2. Emisang folaga thabeng e se nang meru, le howeletse ho bona ka lentswe le phahameng, le ba hwehle ka letsoho, ba kene ka menyako ya marena.

3. Ke laotse bakgethwa ba ka, ke bitsitse le bahale ba ka, ba tle ba etse phetetso ya ka, e leng ba thabelang boholo ba ka.

4. Modumo o utlwahala dithabeng, o kang wa tjhaba se seholo; ho utlwahala modumo wa mebuso le wa ditjhaba tse phuthaneng hammoho; Jehova wa makgotla ke yena ya hlahlobang makgotla a dintwa tsa hae.

5. Ba tswile naheng e hole le dipheletsong tsa lehodimo: ke Jehova le dibetsa tsa kgalefo ya hae tse tlileng ho senya lefatshe kaofela.

6. Iteleleng, hobane letsatsi la Jehova le haufi, le a tla jwaloka tshenyo e rometsweng ke Ya matla wohle.

7. Ka baka leo, matsoho kaofela a lepeletse, dipelo tsa batho bohle di tepeletse.

8. Ba tsielehile, ba kenwe ke mahloko le matswalo, ba sonopana jwaloka mosadi ya belehang; ba tadimana ba maketse, difahleho tsa bona di fubile jwaloka mollo.

9. Bonang, letsatsi la Jehova le a tla, le le thata, le tletse kgalefo le bohale bo tukang, le tla etsa lefatshe nahathothe, le fiele ba bolotsana ba ho lona.

10. Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.