BIBELE e Halalelang

Esaia 11:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng wa marabe, ngwana ya kgweswang a kenye letsoho lefarung la qowane.

9. Mme ha ho sa tla etswa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngwa thabeng yohle e halalelang ya ka, hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova, jwalokaha metsi a aparetse lewatle.

10. Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.

11. Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.

12. O tla emisetsa ditjhaba folaga ya hae, dipheletsong tse nne tsa lefatshe a bokelle Baiseraele ba tebetsweng, a phuthe le Bajuda ba qhalantsweng.

13. Mona wa Efraime o tla fela, Juda le yena a lese ho mo qala; Efraime ha a sa tla hlola a honohela Juda, mme Juda ha a sa tla hlola a lwantsha Efraime.

14. Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.

15. Jehova o tla omisa leleme la lewatle la Egepeta; o tla emisetsa letsoho la hae hodima noka ya Eufrate, a e sisinye ka matla a moya wa hae, a e kgaole, a e etse dinokana tse supileng tseo batho ba tla di tshela ba rwetse dieta.

16. Mmila o tla ba teng ho masala a setjhaba sa hae a tla phonyoha Assiria, jwalokaha o bile teng ho Iseraele mohla a tlohang lefatsheng la Egepeta.