BIBELE e Halalelang

Esaia 11:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Empa lekala le tla tswa kutung ya Jese, lehlomela le hlomele metsong ya hae, le behang ditholwana.

2. Moya wa Jehova o tla dula hodima hae, moya wa bohlale le wa kelello, moya wa keletso le wa matla, moya wa ho tseba le wa ho tshaba Jehova.

3. O tla thabela ho tshaba Jehova, a ke se ke a ahlola ka tjhadimo ya mahlo, leha e le ho tswa ka ho utlwa taba ya ba re.

4. Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.

5. Ho loka e tla ba senyepa thekeng la hae, nnete e be leqhama maphakong a hae.

6. Phiri e tla dula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le tawana le kgomo e nontshitsweng di tla ba hammoho, di sotetswe ke moshanyana.

7. Sethole sa kgomo le sa bere di tla fula hammoho, manamane a tsona a robale hammoho; tau e tla fula jwang jwaloka kgomo.

8. Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng wa marabe, ngwana ya kgweswang a kenye letsoho lefarung la qowane.

9. Mme ha ho sa tla etswa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngwa thabeng yohle e halalelang ya ka, hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova, jwalokaha metsi a aparetse lewatle.

10. Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.