BIBELE e Halalelang

Esaia 10:32-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. Ka lona letsatsi lena o se a tla fihla Nobe, mme ka letsoho la hae o tla supa thaba ya moradi wa Sione, leralla la Jerusalema.

33. Bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o tla roba makala a sefate seo ka matla a maholo, a matenya a tla rengwa, a phahamileng a kokobetswe.

34. O tla rema boteteano ba moru ka tshepe, Lebanone o tla dihuwa ke Ya matla.