BIBELE e Halalelang

Esaia 10:29-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. O se a fetile ka lekgalo; bosiu o bo hlola Geba; ba Rama ba tshohile, ba Gibea-Saule ba balehile.

30. Wena moradi wa Gallime, o bokolle; Laishe, iponele; Anathothe, o madimabe!

31. Ba Madmena ba qhalane, ba ahileng Gebime ba baleha ka dintho tsa bona.