BIBELE e Halalelang

Esaia 10:14-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Letsoho la ka le hapile menono ya ditjhaba jwalokaha ho nkuwa ntlo ya nonyana; jwalokaha ho bokellwa mahe a tlohetsweng, ke ipokelletse lefatshe kaofela jwalo, mme ha ho ya kileng a sisinya mapheo, ya ahlamisitseng molomo, a lla.

15. Na selepe se ka ithoka ho ya remang ka sona na? Le sakga na e ka ithorisa ho ya sakgang ka yona na? Teng, ho ka ba jwaloka hoja thupa e ka sisinya letsoho la ya e emisang, kapa lere le ka emisa hoo e seng sefate.

16. Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, o tla otisa dinatla tsa Assiria; tlasa kganya ya hae ho tla tjha ho kang ho tjha ha mollo.

17. Lesedi la Iseraele le tla fetoha mollo, Mohalaledi wa hae e be kgabo e tla tjhesa le ho fedisa meutlwa le dibajwa tsa hae, di tjhe ka tsatsi le le leng feela.

18. O tla tjhesa kganya ya moru wa hae le ya masimo a hae jwalo, ho fele moya le mmele, ho be jwaloka motho ha a kula, a kgathala.

19. Difate tsa moru wa hae tse tla sala, e tla ba tse ka balwang, le ngwana a ka tseba ho ngola palo ya tsona.

20. Mohlang oo, masala a Iseraele le ba phonyohileng ba ntlo ya Jakobo ha ba sa tla hlola ba tshepa mohlorisi wa bona, empa ba tla tshepa Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, ka nnete yohle ya bona.

21. Masala, ke re, masala a Jakobo, a tla sokolohela ho Modimo o matla.

22. Hobane leha setjhaba sa hao, Iseraele, se ka lekana le lehlabathe la lewatle, e tla ba masala a sona feela a tlang ho sokoloha; tefetso e rerilweng e tiile, e tla tsholoha ka ho loka.

23. Hobane naheng yohle Morena, Jehova wa makgotla, o tla romela tshenyo eo a e rerileng.

24. Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, o re: Wena setjhaba sa ka se ahileng Sione, o se ke wa tshoha Assiria, leha a o otla ka thupa, a emisitse molamu ho wena, jwalokaha ho kile ha etswa Egepeta.

25. Hobane ho se ho se hokae, kgalefo ya ka e tla feta, bohale ba ka bo kgelohele ho ya ba timeletsa.

26. Jehova wa makgotla o tla tlisa phafa hodima Assiria, jwalokaha a kile a otla Midiane lefikeng la Orebe, a emise thupa ya hae hodima lewatle, jwalokaha a entse Egepeta.

27. Mehleng eo, boima ba Assiria bo tla tloswa lehetleng la hao, le joko ya hae molaleng wa hao, joko e robehe ka baka la ho nona ha hao.

28. Jo! Assiria o se a le Ajathe, o feta ka Migrone, o siya diphahlo tsa hae Mikmashe.

29. O se a fetile ka lekgalo; bosiu o bo hlola Geba; ba Rama ba tshohile, ba Gibea-Saule ba balehile.

30. Wena moradi wa Gallime, o bokolle; Laishe, iponele; Anathothe, o madimabe!

31. Ba Madmena ba qhalane, ba ahileng Gebime ba baleha ka dintho tsa bona.