BIBELE e Halalelang

Esaia 10:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.

13. Hobane o itse: Ke entse hoo ka matla a letsoho la ka le ka bohlale ba ka, etswe ke hlalefile, ke suthisitse meedi ya ditjhaba, ke ikgapetse matlotlo a tsona, mme jwaloka mohale ke rapaladitse ba dutseng diteroneng.

14. Letsoho la ka le hapile menono ya ditjhaba jwalokaha ho nkuwa ntlo ya nonyana; jwalokaha ho bokellwa mahe a tlohetsweng, ke ipokelletse lefatshe kaofela jwalo, mme ha ho ya kileng a sisinya mapheo, ya ahlamisitseng molomo, a lla.

15. Na selepe se ka ithoka ho ya remang ka sona na? Le sakga na e ka ithorisa ho ya sakgang ka yona na? Teng, ho ka ba jwaloka hoja thupa e ka sisinya letsoho la ya e emisang, kapa lere le ka emisa hoo e seng sefate.

16. Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, o tla otisa dinatla tsa Assiria; tlasa kganya ya hae ho tla tjha ho kang ho tjha ha mollo.

17. Lesedi la Iseraele le tla fetoha mollo, Mohalaledi wa hae e be kgabo e tla tjhesa le ho fedisa meutlwa le dibajwa tsa hae, di tjhe ka tsatsi le le leng feela.

18. O tla tjhesa kganya ya moru wa hae le ya masimo a hae jwalo, ho fele moya le mmele, ho be jwaloka motho ha a kula, a kgathala.