BIBELE e Halalelang

Esaia 1:23-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.

24. Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, Ya matla wa Iseraele, o re: Aha! ke tla itshedisa kotsing ya ba ntwantshang, ke itefetse ho dira tsa ka;

25. ke tla isa letsoho la ka hodima hao, ke be ke hlatswe ditshila tsa hao ka logo, ke tlose manya a hao kaofela.

26. Ke tla boela ke o tlisetse baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba jwaloka ba ho qala; o ntoo bitswa motse wa ho loka, motse o tshepehang.

27. Sione o tla lopollwa ka kahlolo, ba kgutlelang teng ba lopollwe ka ho loka.

28. Empa bahanyetsi le baetsadibe ba tla thuhwa hammoho, ba kwenehetseng Jehova ba ya timela.

29. Hobane le tla hlajwa ke dihlong ka baka la difate tsa dieike tseo le di thabelang, le tla nne le swabe ka baka la dirapa tsa difate tseo le kgahliswang ke tsona.

30. Mohlang oo, le tla ba jwaloka sefate sa eike seo mahlaku a sona a hlohlorehileng, le jwaloka tshimo e se nang metsi.