BIBELE e Halalelang

Esaia 1:16-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Itlhatsweng, le itlhwekise; tlosang bolotsana ba diketso tsa lona pela mahlo a ka, lesang ho etsa hampe;

17. ithuteng ho etsa hantle; le batlisise ho lokileng, le sireletse motshwenyehi, le lokisetse dikgutsana, le emele nyewe ya mohlolohadi;

18. mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.

19. Ha le rata ho utlwa, le tla ja monono wa lefatshe;

20. empa ha le ikganela, le ikgantsha, le tla jewa ke lerumo; hobane molomo wa Jehova o boletse.

21. Na motse o tshepehileng o fetohile jwang seotswa? O ne o tletse toka, ho loka ho ne ho ahile ho wona, empa jwale o tletse babolai.

22. Silefera ya hao e fetohile manya, veine ya hao e tswakilwe le metsi.

23. Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.

24. Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, Ya matla wa Iseraele, o re: Aha! ke tla itshedisa kotsing ya ba ntwantshang, ke itefetse ho dira tsa ka;

25. ke tla isa letsoho la ka hodima hao, ke be ke hlatswe ditshila tsa hao ka logo, ke tlose manya a hao kaofela.

26. Ke tla boela ke o tlisetse baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba jwaloka ba ho qala; o ntoo bitswa motse wa ho loka, motse o tshepehang.

27. Sione o tla lopollwa ka kahlolo, ba kgutlelang teng ba lopollwe ka ho loka.

28. Empa bahanyetsi le baetsadibe ba tla thuhwa hammoho, ba kwenehetseng Jehova ba ya timela.

29. Hobane le tla hlajwa ke dihlong ka baka la difate tsa dieike tseo le di thabelang, le tla nne le swabe ka baka la dirapa tsa difate tseo le kgahliswang ke tsona.