BIBELE e Halalelang

Esaia 1:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Tshenolo ya Esaia, mora Amotse, eo a e senoletsweng hodima Juda le Jerusalema, mehleng ya Osiase, le ya Jothame, le ya Akase, le ya Esekiase, marena a Juda:

2. Mahodimo, mamelang! wena, lefatshe, sekeha tsebe; hobane Jehova o a bua; o re: Ke fepile bana, ke ba hodisitse, empa ba ikgantsheditse nna.

3. Kgomo e tseba ya e ruileng, esele e tseba lesaka la monga yona: Iseraele yena ha a na tsebo, setjhaba sa ka ha se na temoho.

4. Jo! Setjhaba sa badibe, mofuta o ipelesitseng makgopo, lesika le bolotsana, bana ba bodileng! Ba furaletse Jehova, ba nyefotse Mohalaledi wa Iseraele, ba kgutletse morao.