BIBELE e Halalelang

Eksoda 9:8-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Yaba Jehova o re ho Moshe le ho Aarone: Kakolang molora seboping, le o tlatse matsoho, mme Moshe a o akgele hodimo pela Faro.

9. O tla fetoha lerole le lesesane naheng yohle ya Egepeta, o hlahise dithopane, le lekgopho le etsang diso ho batho le ho diphoofolo naheng yohle ya Egepeta.

10. Yaba ba nka molora seboping, ba hlaha pela Faro; Moshe a o hasanyetsa hodimo, wa hlahisa dithopane le lekgopho le etsang diso ho batho le ho diphoofolo.

11. Dingaka tsa sitwa ho ema pela Moshe ka baka la dithopane; hobane dingaka le Baegepeta bohle ba ne ba tswile dithopane.

12. Empa Jehova a thatafatsa pelo ya Faro, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boleletse Moshe.

13. Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o itlhahise pela Faro, o re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.

14. Hobane ka lekgetlo lena ke tla romela dikotsi tsa ka tsohle pelong ya hao, le hodima bahlanka ba hao, le hodima setjhaba sa hao, hore o tle o tsebe hobane ha ho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.

15. Hobane hojane ke otlolotse letsoho la ka, ka o otla, wena le setjhaba sa hao, ka lefu le akaretsang, o ka be o timetse lefatsheng.

16. Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.

17. Ekare ha o sa ntse o ikgantsha ka setjhaba sa ka, o hana ho se lokolla,

18. bona, hosasa, ka nako ena, ke tla nesa sefako se seholo ka ho fetisisa, seo ho esong ho be se jwalo Egepeta, haesale e eba teng ho fihlela la kajeno.

19. Romela jwale, o balehise mehlape ya hao, le tsohle tsa hao tse naheng, hobane batho bohle le diphoofolo tse fihlelwang naheng, tse sa kang tsa phuthelwa matlung, sefako se tla di otla, mme di tla shwa.

20. Yaba ba tshabileng polelo ya Jehova, hara bahlanka ba Faro, ba balehisetsa bahlanka ba bona, le mehlape ya bona ka matlung.