BIBELE e Halalelang

Eksoda 9:22-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodimo, sefako se tle se be teng naheng yohle ya Egepeta, hodima batho, le hodima diphoofolo, le hodima dimela tsohle tsa naha, lefatsheng la Egepeta.

23. Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodimo, mme Jehova a hlahisa diaduma le sefako; mollo wa matha fatshe, mme Jehova a nesa sefako hodima naha ya Egepeta.

24. Sefako sa eba teng, le mollo o tswakaneng le sefako, se tshabehang haholo, seo ho neng ho eso ho be se jwalo naheng yohle ya Egepeta, haesale e eba setjhaba.

25. Sefako sa otla, naheng yohle ya Egepeta, tsohle tse neng di le naheng, ho tloha ho batho ho isa diphoofolong; sa otla dimela tsohle tsa lefatshe, sa robaka difate tsohle tsa naha.

26. Feela sefako sa eba siyo naheng ya Goshene, moo bana ba Iseraele ba neng ba le teng.

27. Yaba Faro o romela ho bitsa Moshe le Aarone, a re ho bona: Kajeno ke sitetswe Jehova; ke yena ya lokileng, nna le setjhaba sa ka re molato.

28. Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.

29. Yaba Moshe o re ho yena: Etlare ha ke etswa motseng, ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova; diaduma di tla kgaotsa, sefako le sona se fele, hore o tle o tsebe hobane lefatshe ke la Jehova.

30. Empa haele wena le bahlanka ba hao, ke a tseba hobane le tla be le eso ho tshabe Jehova Modimo.

31. Lene le harese di ne di otlilwe, hobane harese e ne e se e tswetse, mme lene e ne e se e na le dipalesa;

32. empa koro le mabele di ne di sa ka tsa otlwa, hobane di dieha ho mela.

33. Yaba Moshe o tloha pela Faro, a tswa motseng; a otlollela matsoho a hae ho Jehova; yaba diaduma le sefako di a kgaotsa, le pula ya esa lefatsheng.

34. Eitse ha Faro a bona hobane pula le sefako le diaduma di kgaoditse, a eketsa ho etsa hampe, a ithatafatsa pelo, yena le bahlanka ba hae.

35. Pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a lokolla bana ba Iseraele, jwalokaha Jehova a ne a boletse ka molomo wa Moshe.