BIBELE e Halalelang

Eksoda 9:19-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Romela jwale, o balehise mehlape ya hao, le tsohle tsa hao tse naheng, hobane batho bohle le diphoofolo tse fihlelwang naheng, tse sa kang tsa phuthelwa matlung, sefako se tla di otla, mme di tla shwa.

20. Yaba ba tshabileng polelo ya Jehova, hara bahlanka ba Faro, ba balehisetsa bahlanka ba bona, le mehlape ya bona ka matlung.

21. Empa ba neng ba sa ele lentswe la Jehova hloko, ba tlohela bahlanka ba bona le mehlape ya bona naheng.

22. Yaba Jehova o re ho Moshe: Otlollela letsoho la hao hodimo, sefako se tle se be teng naheng yohle ya Egepeta, hodima batho, le hodima diphoofolo, le hodima dimela tsohle tsa naha, lefatsheng la Egepeta.

23. Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodimo, mme Jehova a hlahisa diaduma le sefako; mollo wa matha fatshe, mme Jehova a nesa sefako hodima naha ya Egepeta.