BIBELE e Halalelang

Eksoda 9:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, o re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.

2. Hobane ha o hana ho se lokolla, o ntse o ba thibela,

3. bona, letsoho la Jehova le tla ba boima hodima mehlape ya hao e naheng, dipere le diesele le dikamele le makgomo le manku, ka lefu le leholo ka ho fetisisa.

4. Jehova o tla kgetha mehlape ya Iseraele ho mehlape ya Baegepeta, mme ha ho ka ke ha eshwa letho la tsohle tsa bana ba Iseraele.

5. Jehova a bea nako, a re: Ka hosasa, Jehova o tla etsa taba ena naheng ena.

6. Ka hosasa, Jehova a fela a etsa taba eo, mme mehlape ya Baegepeta ya eshwa kaofela, empa mehlapeng ya bana ba Iseraele ho se ke ha eshwa ntho le e nngwe.

7. Yaba Faro o a romela, a fumana hoba ha ho a shwa ntho leha e le nngwe mehlapeng ya Iseraele. Empa pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba.

8. Yaba Jehova o re ho Moshe le ho Aarone: Kakolang molora seboping, le o tlatse matsoho, mme Moshe a o akgele hodimo pela Faro.

9. O tla fetoha lerole le lesesane naheng yohle ya Egepeta, o hlahise dithopane, le lekgopho le etsang diso ho batho le ho diphoofolo naheng yohle ya Egepeta.

10. Yaba ba nka molora seboping, ba hlaha pela Faro; Moshe a o hasanyetsa hodimo, wa hlahisa dithopane le lekgopho le etsang diso ho batho le ho diphoofolo.

11. Dingaka tsa sitwa ho ema pela Moshe ka baka la dithopane; hobane dingaka le Baegepeta bohle ba ne ba tswile dithopane.