BIBELE e Halalelang

Eksoda 8:18-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Dingaka le tsona tsa leka ho etsa jwaloka boupelli ba tsona, hore, di hlahise dinta, empa tsa sitwa; dinta tsa eba teng ho batho le ho diphoofolo.

19. Yaba dingaka di re ho Faro: Ke monwana wa Modimo. Leha ho le jwalo, pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

20. Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.

21. Hobane ekare ha o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, ke tla romela menwang ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao; matlo a Baegepeta a tla tlala menwang, le mobu oo ba emeng hodima wona.

22. Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.

23. Ke tla bea kgaohanyo dipakeng tsa setjhaba sa ka le sa setjhaba sa hao; pontsho ena e tla hlaha hosasane.

24. Yaba Jehova o etsa jwalo, mme menwang ya tla ka bongata ka tlung ya Faro, le ka matlung a bahlanka ba hae, lefatsheng lohle la Egepeta; mme lefatshe la senyeha ke menwang.

25. Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Tsamayang, le ye ho hlabela Modimo wa lona naheng ena.

26. Moshe a re: Ha ho a lokela ha re ka etsa jwalo, hobane seo re se hlabelang Jehova, Modimo wa rona, ke seo e leng manyala ho Baegepeta. Hleka ha re hlaba ntho e manyala ho Baegepeta mahlong a bona, na ba ke ke ba re tlepetsa ka majwe na?

27. Re tla ya leeto la matsatsi a mararo feelleng, e be hona re hlabelang Jehova, Modimo wa rona kamoo a tlang ho re bolella kateng.

28. Yaba Faro o re: Ke tla le lokolla, le tle le ye ho hlabela Jehova, Modimo wa lona, lefeelleng; empa le se ke la ya hole hakakang; nthapelleng.

29. Moshe a re: Bona, ke ya tloha ho wena, mme ke tla rapela Jehova; hosasane, menwang e tla tloha ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae, empa feela Faro a se ke a hlola a etsa ka mano, a hana ho lokolla setjhaba hore se ye ho hlabela Jehova.

30. Yaba Moshe o tloha pela Faro, mme a rapela Jehova.

31. Jehova a etsa ka thapelo ya Moshe, a tlosa menwang ho Faro, le ho bahlanka ba hae, le ho setjhaba sa hae; ho se ke ha sala le o mong.

32. Empa Faro a boela a ithatafatsa pelo le ka lekgetlo lena, mme a se ke a lokolla setjhaba.