1. Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho Faro, o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Tlohela setjhaba sa ka se ye ho ntshebeletsa.
2. Ha o hana ho se lokolla, bona, ke tla otla naha yohle ya hao ka dihohwana.
3. Noka e tla nyekenyeha dihohwana; di tla nyoloha, di kene ka tlung ya hao, le ka taong tsa malao a hao, ho fihlela le malaong a hao, le ka matlung a bahlanka ba hao le a setjhaba sa hao, le diontong tsa hao le merifing ya hao eo ho dubelwang bohobe ho yona.
4. Dihohwana di tla o hlwellela hodimo, wena le setjhaba sa hao, le bahlanka ba hao kaofela.
5. Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Otlollela letsoho la hao, le lere la hao melapong le dinokeng le matsheng, mme o nyolle dihohwana di tlale naha ya Egepeta.
6. Yaba Aarone o otlollela letsoho la hae metsing a Egepeta; dihohwana tsa hlaha, tsa aparela naha ya Egepeta.
7. Dingaka le tsona tsa etsa jwalo ka boupelli ba tsona, tsa nyolla dihohwana naheng ya Egepeta.
8. Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.
9. Moshe a re ho Faro: Mpeele nako eo ke tlang ho o rapella ka yona, wena le bahlanka ba hao, le setjhaba sa hao, hore dihohwana di tlohe ho wena, le matlung a hao, di sale nokeng feela.
10. A re: Hosasane. Yaba o re: Ho tla ba jwalokaha o boletse o tle u tsebe hobane ha ho ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona.
11. Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale nokeng feela.
12. Yaba Moshe le Aarone ba tloha pela Faro, mme Moshe a howeletsa ho Jehova ka baka la dihohwana tseo a di hlahiseditseng Faro.
13. Yaba Jehova o etsa kamoo Moshe a kopang kateng; dihohwana tsa eshwa matlung, le metseng, le naheng.
14. Ba di bokella, ba etsa diqubuqubu, lefatshe la ba la nkga.