BIBELE e Halalelang

Eksoda 6:27-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Ke bona ba neng ba bue le Faro, morena wa Egepeta, hore bana ba Iseraele ba tswe Egepeta. E, ke bona Moshe le Aarone.

28. Mohla Jehova a buang le Moshe naheng ya Egepeta,

29. Jehova a bolella Moshe, a re: Ke nna Jehova. Bolella Faro, morena wa Egepeta, tsohle tseo ke o boleletseng tsona.

30. Moshe a bua pela Jehova, a re: Ke motho ya molomo o thata; Faro o tla nkutlwa jwang?