BIBELE e Halalelang

Eksoda 6:18-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Bara ba Kehathe: Amrame, le Jitsehare, Hebrone, le Usiele: mme dilemo tsa ho phela ha Kehathe tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro.

19. Bara ba Merari: Makli le Mushi. Ke yona mefuta ya Balevi ka masika a yona.

20. Amrame o ne a nyetse Jokebede, rakgadiae, mme a mo tswalla Aarone le Moshe. Dilemo tsa ho phela ha Amrame tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.

21. Bara ba Jitsehare: Kore, Nefege le Sikri.

22. Bara ba Usiele: Mishaele, Eltsafane, le Sithri.

23. Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare.

24. Bara ba Kore: Assire, le Elkana, le Abiasafe; ke yona meloko ya Bakore.

25. Eleasare, mora Aarone, a nyala e mong wa baradi ba Puthiele, mme a mo tswalla Finease.Ke tsona dihlooho tsa bontata Balevi ka masika a bona.

26. Ke bona boAarone le Moshe, bona bao Jehova a itseng ho bona: Ntshang bana ba Iseraele Egepeta ka makgotla a bona.

27. Ke bona ba neng ba bue le Faro, morena wa Egepeta, hore bana ba Iseraele ba tswe Egepeta. E, ke bona Moshe le Aarone.

28. Mohla Jehova a buang le Moshe naheng ya Egepeta,

29. Jehova a bolella Moshe, a re: Ke nna Jehova. Bolella Faro, morena wa Egepeta, tsohle tseo ke o boleletseng tsona.