BIBELE e Halalelang

Eksoda 6:11-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Eya, o bolelle Faro, morena wa Egepeta, hore a lesele bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae.

12. Moshe a bua pela Jehova, a re: Bona, bana ba Iseraele ha ba ka ba nkutlwa, mme Faro a ka nkutlwa jwang, nna ke leng motho ya molomo o thata?

13. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a ba nea molaetsa ho bana ba Iseraele le ho Faro, morena wa Egepeta, ho ntsha bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta.

14. Dihlooho tsa matlo a bontata bona ke tsena:Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele: Henoke, Pallu, Hetsrone le Karmi. Mefuta ya Rubene ke yona eo.

15. Bara ba Simeone: Jemuele, Jamine, Ohade, Jakine, le Tsohare; le Saule, mora wa mosadi wa Mokanana; ke yona mefuta ya Simeone.

16. Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.

17. Bara ba Gershone: Libni le Shimei, ka masika a bona.