BIBELE e Halalelang

Eksoda 6:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o re ho Moshe: Jwale, o tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, mme ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ya hae.

2. Modimo wa bua le Moshe, wa re ho yena: Ke nna Jehova.

3. Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Modimo o matla wohle, empa ke ne ke sa tsejwe ke bona ka lebitso la ka la Jehova.

4. Hape, ka na ka tiisa selekane sa ka le bona ho ba nea lefatshe la Kanana, lefatshe la ho jaka ha bona, leo ba bileng ba ahella ho lona.