BIBELE e Halalelang

Eksoda 5:14-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ba shapa balaedi ba bana ba Iseraele, ba beilweng hodima bona ke bahlahlobi ba Faro, ba re: Ke ka baka lang ha le sa ka la phetha mosebetsi wa lona wa ho etsa setene maobane le kajeno jwaloka pele?

15. Yaba balaedi ba bana ba Iseraele ba ya, ba lla ho Faro, ba re: Ho ya kang, ha o etsetsa bahlanka ba hao jwalo?

16. Re le bahlanka ba hao, ha re fuwe setroi, mme ho thwe ho rona: Etsang setene! Re le bahlanka ba hao, re a otlwa, jwaloka hoja batho ba hao ba sebile.

17. A re: Le botswa, le botswa! ke ka baka leo le reng: A re yo hlabela Jehova mahlabelo.

18. Tsamayang bo! le sebetse, mme ha le ka ke la fuwa setroi, empa le tla nne le phethe palo ya setene.

19. Ke moo balaedi ba bana ba Iseraele ba boneng hoba ba dutse bothateng, ha ho thwe: Le se ke la qephisa palo ya setene sa lona sa tsatsi le leng le le leng.