BIBELE e Halalelang

Eksoda 5:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hamorao, Moshe le Aarone ba tla ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lokolla setjhaba sa ka, se yo nketsetsa mokete lefeelleng.

2. Yaba Faro o re: Jehova ke mang hore ke utlwe lentswe la hae, mme ke lokolle Iseraele? Jehova ha ke mo tsebe, le Iseraele nke ke ka mo lokolla.

3. Ba re: Modimo wa Baheberu o itlhahisitse ho rona; ako re dumelle, re tsamaele lefeelleng matsatsi a mararo, re ye ho etsetsa Jehova, Modimo wa rona, sehlabelo, esere mohlomong a re wela hodimo ka lefu, leha e le ka lerumo.

4. Morena wa Egepeta a re ho bona: Ke ka baka lang, Moshe le Aarone, ha le tlohedisa setjhaba mesebetsi ya sona? Kgutlelang mesebetsing ya lona!

5. Faro a ba a re: Batho bana, naheng ena, ba se ba le bangata, mme le ba tlohedisa mesebetsi ya bona.

6. Jwale ka lona letsatsi leo, Faro a laela bahlahlobi ba setjhaba la balaedi ba sona, a re:

7. Le se ke la hlola le nea setjhaba setroi ho etsa setene, jwaloka pele; a ba mpe ba ye ba ipatlele setroi e le bona.

8. Leha ho le jwalo, palo ya setene seo ba neng ba ntse ba se etsa pele, le nne le e batle ho bona, le se ke la e qephisa, hobane ba botswa, ke ka baka leo ba howahowang, ba re: A re yeng re ye ho hlabela Modimo wa rona sehlabelo.

9. Mosebetsi a o ke o imele banna bana, mme ba eme ho wona, ba tle ba se ke ba mamela dipolelo tsa leshano.

10. Yaba bahlahlobi ba setjhaba le balaedi ba sona ba tswa, ba bolella setjhaba, ba re: Ho thwe ke Faro: Ha ke sa tla le nea setroi.