BIBELE e Halalelang

Eksoda 40:30-38 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Yaba o bea morifi pakeng tsa tente ya pokano le aletare, a o tshela metsi hore ho tle ho itlhatsuwe teng.

31. Moshe, le Aarone, le bara ba hae ba itlhatswa matsoho le maoto;

32. enere ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba itlhatswa, jwalokaha Jehova a laetse Moshe.

33. Hape, a hloma lebala le potang tabernakele le aletare; a fanyeha lesela le homilweng monyako wa lebala; kahoo, Moshe a phetha mosebetsi.

34. Yaba leru le kgurumetsa tente ya pokano, mme khanya ya Jehova ya tlala tabernakele.

35. Esita le Moshe a sitwa ho kena tenteng ya pokano, hobane leru le ne le dutse hodima yona, le kganya ya Jehova e ne e tletse tabernakeleng.

36. Enere ha leru le phahama hodima tabernakele, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; ha eba jwalo ho tsamayeng hohle ha bona.

37. Empa ha leru le ne le sa phahame, ba ne ba sa tlohe, ho fihlela letsatsi leo le phahamang ka lona.

38. Hobane leru la Jehova le ne le le tabernakeleng motshehare, bosiu e be mollo, pontsheng ya ba ntlo yohle ya Iseraele, ho tsamayeng hohle ha bona.