BIBELE e Halalelang

Eksoda 40:3-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. O tle o kenye ho yona areka ya bopaki, o sireletse areka ka lesira.

4. O ntoo tlisa tafole, o e lokisetse tsa yona; o ntoo tlisa kandelare, o lokise dilampi tsa yona.

5. Aletare ya kgauta ya dibano, o tla e bea pela areka ya bopaki, o bee lesela le homilweng monyakong wa tabernakele.

6. Aletare ya ditjheso yona o tla e bea pela monyako wa tabernakele ya tente ya pokano.

7. Hape, o bee morifi pela tente ya pokano le aletare, mme o o tshele metsi.

8. Lebala lona o tla le bea ka mathoko, o bee lesela le homilweng monyako wa lebala.

9. O tla nka ole ya setlolo, mme ka yona o tlotse tabernakele le tsohle tse ho yona; ka ho etsa jwalo, o tla e kgetha le yona mesebetsi yohle ya yona, mme e tla kgetheha.

10. Hape, o tlotse aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, mme o kgethe aletare; aletare e tla ba ntho e halalelang haholo.

11. O tlotse le morifi le sedulwana sa oona, o o kgethe.