BIBELE e Halalelang

Eksoda 40:18-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Moshe a hloma tabernakele, a bea didulwana, a bea le dipolanka, a bea le maballo, a emisa ditshiya.

19. Hape, a ala tente hodima tabernakele, mme hodima yona a bea sekgurumetso sa tente, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

20. Jwale, a nka bopaki, a bo kenya arekeng; a kenya mejaro arekeng; a ntoo bea sekwahelo hodima areka.

21. Yaba o tlisa areka tabernakeleng, a fanyeha lesira le homilweng le kgaolang, a sireletsa jwalo areka ya bopaki, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

22. Yaba o isa tafole tenteng ya pokano, lehlakoreng la tabernakele le leng ka nqa leboya, kantle ho lesira,

23. a lokisa mahobe pela Jehova, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

24. Kandelare yona a e bea tenteng ya pokano, mabapa le tafole, lehlakoreng la tabernakele le leng ka nqa borwa;

25. a lokisa dilampi pela Jehova, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

26. A ntoo isa aletare ya kgauta tenteng ya pokano, pela lesira;

27. teng a tjhesetsa dibano tse monko o monate, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

28. Lesela le homilweng lona a le fanyeha monyakong wa tabernakele.

29. Aletare ya ditjheso yona a e bea monyakong wa tabernakele ya tente ya pokano, a hlahisa teng mahlabelo a ditjheso le nyehelo, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

30. Yaba o bea morifi pakeng tsa tente ya pokano le aletare, a o tshela metsi hore ho tle ho itlhatsuwe teng.

31. Moshe, le Aarone, le bara ba hae ba itlhatswa matsoho le maoto;

32. enere ha ba kena tenteng ya pokano, leha ba atamela pela aletare, ba ne ba itlhatswa, jwalokaha Jehova a laetse Moshe.

33. Hape, a hloma lebala le potang tabernakele le aletare; a fanyeha lesela le homilweng monyako wa lebala; kahoo, Moshe a phetha mosebetsi.

34. Yaba leru le kgurumetsa tente ya pokano, mme khanya ya Jehova ya tlala tabernakele.

35. Esita le Moshe a sitwa ho kena tenteng ya pokano, hobane leru le ne le dutse hodima yona, le kganya ya Jehova e ne e tletse tabernakeleng.

36. Enere ha leru le phahama hodima tabernakele, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; ha eba jwalo ho tsamayeng hohle ha bona.