BIBELE e Halalelang

Eksoda 40:15-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. o ba tlotse, jwalokaha o tlotsitse ntata bona, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka; mme tlolo ya bona ho bona e tla ba boprista ba kamehla, melokong ya bona.

16. Moshe a etsa jwalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.

17. Ka kgwedi ya ho qala ya selemo sa bobedi, ka tsatsi la pele la kgwedi, tabernakele ya hlongwa.

18. Moshe a hloma tabernakele, a bea didulwana, a bea le dipolanka, a bea le maballo, a emisa ditshiya.

19. Hape, a ala tente hodima tabernakele, mme hodima yona a bea sekgurumetso sa tente, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

20. Jwale, a nka bopaki, a bo kenya arekeng; a kenya mejaro arekeng; a ntoo bea sekwahelo hodima areka.

21. Yaba o tlisa areka tabernakeleng, a fanyeha lesira le homilweng le kgaolang, a sireletsa jwalo areka ya bopaki, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

22. Yaba o isa tafole tenteng ya pokano, lehlakoreng la tabernakele le leng ka nqa leboya, kantle ho lesira,

23. a lokisa mahobe pela Jehova, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

24. Kandelare yona a e bea tenteng ya pokano, mabapa le tafole, lehlakoreng la tabernakele le leng ka nqa borwa;

25. a lokisa dilampi pela Jehova, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

26. A ntoo isa aletare ya kgauta tenteng ya pokano, pela lesira;

27. teng a tjhesetsa dibano tse monko o monate, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

28. Lesela le homilweng lona a le fanyeha monyakong wa tabernakele.

29. Aletare ya ditjheso yona a e bea monyakong wa tabernakele ya tente ya pokano, a hlahisa teng mahlabelo a ditjheso le nyehelo, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.