BIBELE e Halalelang

Eksoda 4:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Etlare ha ba sa o dumele, mme ba sa utlwe puo ya pontsho ya pele, ba tla kgolwa ke puo ya pontsho ya bobedi.

9. Ekare ha ba sa kgolwe le ke dipontsho tsena tse pedi, mme ba sa utlwe lentswe la hao, o tla nka metsi a noka, o a tshollele fatshe, mme metsi ao o a kgileng nokeng a tla fetoha madi hodima lefatshe.

10. Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.

11. Yaba Jehova o re ho yena: Ke mang ya etseditseng motho molomo, kapa ke mang ya etsang motho semumu, kapa ya tsebetutu, kapa ya bonang, kapa ya sefofu? Na hase nna Jehova na?

12. Tsamaya he jwale, mme etlaba nna ke bang le molomo wa hao; mme ke tla o ruta seo o tla se bolela.

13. A re: Oho Morena, ke a o rapela, roma eo o mo romang.

14. Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Moshe, a re: Aarone Molevi, ngwaneno, na ha a yo na? Ke tseba hobane yena o bua hantle, mme ebile ke enwa ya tlang ho o kgahlanyetsa; etlare ha a o bona, o tla thaba pelong ya hae.

15. O tle o bue le yena, o kenye ditaba molomong wa hae, mme nna ke tla ba le molomo wa hao, ke be le molomo wa hae, mme ke tla le ruta seo le tla se etsa.

16. E tla ba yena mmueli wa hao ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, mme wena o be bakeng sa Modimo ho yena.

17. O tla nka lere lena letsohong la hao, o tle o etse mehlolo ka lona.

18. Yaba Moshe o a tsamaya, a boela ho Jethro mohwehadi wa hae, a re ho yena: Ako ntumelle, nke ke boele ho banabeso ba Egepeta, ke bone hore na ba sa ntse ba phedile na. Jethro a re ho Moshe: Tsamaya ka kgotso.