BIBELE e Halalelang

Eksoda 4:17-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. O tla nka lere lena letsohong la hao, o tle o etse mehlolo ka lona.

18. Yaba Moshe o a tsamaya, a boela ho Jethro mohwehadi wa hae, a re ho yena: Ako ntumelle, nke ke boele ho banabeso ba Egepeta, ke bone hore na ba sa ntse ba phedile na. Jethro a re ho Moshe: Tsamaya ka kgotso.

19. Jehova a re ho Moshe naheng ya Midiane: Tsamaya, o kgutlele Egepeta, hobane batho kaofela ba neng ba batla bophelo ba hao ba shwele.

20. Yaba Moshe o nka mosadi wa hae le bara ba hae, a ba palamisa diesele, a kgutlela lefatsheng la Egepeta. Moshe a nka lere la Modimo letsohong la hae.

21. Jehova a re ho Moshe: Ha o ntse o tsamaya, o boela Egepeta, o lemohe mehlolo yohle eo ke e beileng letsohong la hao, o tle o e etse pela Faro, empa nna ke tla thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a lokolla setjhaba, hore se tsamaye.

22. O tle o re ho Faro: Ho thwe ke Jehova: Iseraele ke mora wa ka wa letsibolo;

23. ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.