BIBELE e Halalelang

Eksoda 39:9-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. o ne o na le mahlakore a mane. Mokgajwana wa etswa o mennwe; o ne o le bolelele ba boahlamo ba menwana, le bophara ba wona e ne e le ba boahlamo ba menwana; o ne o mennwe.

10. Wa etsetswa melana e mene ya mahakwe: molaneng o mong ha bewa rubise, le topase, le emeralde; ke wona mola wa pele;

11. molaneng wa bobedi ha bewa karabunkle, le safire, le daemane;

12. molaneng wa boraro, ha bewa hiasinthe, le agate, le amethiste;

13. molaneng a bone, ha bewa krisolite, le onikse, le jaspe. Mahakwe ana a ne a dikadikeditswe ka kgauta dikoomeneng tsa wona.

14. Mahakwe a ne a dutse ka ho ya ka lenaneo la mabitso a bana ba Iseraele a leshome le metso e mmedi, e leng mabitso a leshome le metso e mmedi a meloko e leshome le metso e mmedi, le leng le le leng ha ngolwa lebitso la lona, ka mokgwa wa tiiso.

15. Mokgajwaneng ha etswa maqakatsa a lohilweng, ka mokgwa wa mosebetsi o tshopilweng, a kgauta e hlwekileng.

16. Ha etswa dikotjana tse pedi tsa kgauta le mehwele e mmedi ya kgauta; mehwele e mmedi ya bewa dintlheng tsa mokgajwana.

17. Ha bewa maqakatsa a mabedi a kgauta mehweleng e mmedi, dintlheng tsa mokgajwana;

18. dintlha tse ding tse pedi tsa maqakatsa a mabedi tsa kenngwa dikotjaneng tse pedi; tsa bewa mabanteng a efoda, kapele ho wona.