BIBELE e Halalelang

Eksoda 39:4-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Efoda ya etsetswa mabanta a ho kopanya, ya kopanngwa dintlheng tse pedi tsa yona.

5. Haele senyepa sa ho e tlama, se hodima efoda, se ne se etswa ho yona, e le mosebetsi o le mong le yona, e le sa kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

6. Ha sebetswa mahakwe a onikse, a kenngwa dikoomaneng tsa kgauta; a ngolwa ka mokgwa wa tiiso ya mangolo, a ngolwa mabitso a bana ba Iseraele;

7. a bewa mabanteng a efoda, e le mahakwe a kgopotso ho bana ba Iseraele; jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

8. Mokgajwana wona wa etswa ka mokgwa oa mosebetsi o etswang ka masene, le ka mokgwa o le mong le efoda; wa etswa ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng;

9. o ne o na le mahlakore a mane. Mokgajwana wa etswa o mennwe; o ne o le bolelele ba boahlamo ba menwana, le bophara ba wona e ne e le ba boahlamo ba menwana; o ne o mennwe.

10. Wa etsetswa melana e mene ya mahakwe: molaneng o mong ha bewa rubise, le topase, le emeralde; ke wona mola wa pele;

11. molaneng wa bobedi ha bewa karabunkle, le safire, le daemane;

12. molaneng wa boraro, ha bewa hiasinthe, le agate, le amethiste;

13. molaneng a bone, ha bewa krisolite, le onikse, le jaspe. Mahakwe ana a ne a dikadikeditswe ka kgauta dikoomeneng tsa wona.

14. Mahakwe a ne a dutse ka ho ya ka lenaneo la mabitso a bana ba Iseraele a leshome le metso e mmedi, e leng mabitso a leshome le metso e mmedi a meloko e leshome le metso e mmedi, le leng le le leng ha ngolwa lebitso la lona, ka mokgwa wa tiiso.

15. Mokgajwaneng ha etswa maqakatsa a lohilweng, ka mokgwa wa mosebetsi o tshopilweng, a kgauta e hlwekileng.

16. Ha etswa dikotjana tse pedi tsa kgauta le mehwele e mmedi ya kgauta; mehwele e mmedi ya bewa dintlheng tsa mokgajwana.

17. Ha bewa maqakatsa a mabedi a kgauta mehweleng e mmedi, dintlheng tsa mokgajwana;