21. Mokgajwana wa hokelwa ka mehwele ya wona mehweleng ya efoda ka kgole ya purepera, o tle o eme hodima senyepa sa efoda, le hore makgajwana o se ke wa sutha efodeng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
22. Kobo ya efoda yona ya lohuwa, ya etswa ka purepera kaofela ha yona;
23. lesoba la kobo le hare ho yona le ne le le jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani; mmenong wa lesoba ho ne ho ena le moqhaka o tshophilweng o potang kahohle, hore kobo e tle e se ke ya taboha.
24. Melekeng ya kobo, ha etswa mohomo wa digaranata tsa purepera, le sekarelata, le krimsone, e lohilweng.
25. Ha etswa le dikolokonyana tsa kgauta e hlwekileng; dikolokonyana tsena tsa bewa dipakeng tsa digaranata, melekeng ya kobo, ho e potoloha dipakeng tsa digaranata;
26. ha bewa kolokonyana le garanata, hape kolokonyana le garanata, melekeng ya kobo ka nqa tsohle, tsa ho etsa tshebetso, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
27. Yaba ho etswa dikojwana tsa lene e ntle, tse lohilweng, e le tsa Aarone le bara ba hae;
28. ha etswa le moqhwele wa lene e ntle, le dikatiba tsa kgabiso tsa lene e ntle, le marikgwana a lene e ntle e lohilweng;
29. le senyepa sa lene e ntle e lohilweng le purepera, le sekarelata, le krimsone, ka mokgwa wa mesebetsi e homilweng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
30. Hape, ha etswa lebenyane la kgauta e hlwekileng la moqhwele o kgethehileng; ha ngolwa ho lona lengolo la tiiso le reng: Kgalalelo ho Jehova;
31. la hokelwa ka kgole ya purepera, hore le bewe moqhweleng, kahodima wona, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
32. Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.
33. Yaba Moshe o tlisetswa tabernakele, le tente le mesebetsi yohle ya yona, le dikgoketsane tsa yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;
34. le sekgurumetso sa matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le sekgurumetso sa matlalo a diqibi, le lesira le homilweng le kgaolang;
35. le areka ya bopaki le mejaro ya yona, le sekwahelo,
36. le tafole, le mesebetsi yohle ya yona, le mahobe a pontsha;
37. le kandelare ya kgauta e hlwekileng ka dilampi tsa yona, e leng dilampi tse lokiseditsweng yona, le mesebetsi yohle ya yona le ole ya ho bonesa;
38. le aletare ya kgauta, le ole ya setlolo le dibano tse monko o monate, le lesela le homilweng la monyako wa tente;