BIBELE e Halalelang

Eksoda 39:19-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Hape, ha etswa mehwele e mmedi ya kgauta, ya bewa dintlheng tse pedi tsa mokgajwana, mophethong o bapileng le efoda, kahare.

20. Ha ha etswa mehwele e meng e mmedi ya kgauta ya bewa mabanteng a mabedi a efoda, katlase, kantle ho yona, haufiufi le moo e rokahantsweng teng, kahodima senyepa sa efoda.

21. Mokgajwana wa hokelwa ka mehwele ya wona mehweleng ya efoda ka kgole ya purepera, o tle o eme hodima senyepa sa efoda, le hore makgajwana o se ke wa sutha efodeng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

22. Kobo ya efoda yona ya lohuwa, ya etswa ka purepera kaofela ha yona;

23. lesoba la kobo le hare ho yona le ne le le jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani; mmenong wa lesoba ho ne ho ena le moqhaka o tshophilweng o potang kahohle, hore kobo e tle e se ke ya taboha.

24. Melekeng ya kobo, ha etswa mohomo wa digaranata tsa purepera, le sekarelata, le krimsone, e lohilweng.

25. Ha etswa le dikolokonyana tsa kgauta e hlwekileng; dikolokonyana tsena tsa bewa dipakeng tsa digaranata, melekeng ya kobo, ho e potoloha dipakeng tsa digaranata;

26. ha bewa kolokonyana le garanata, hape kolokonyana le garanata, melekeng ya kobo ka nqa tsohle, tsa ho etsa tshebetso, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

27. Yaba ho etswa dikojwana tsa lene e ntle, tse lohilweng, e le tsa Aarone le bara ba hae;

28. ha etswa le moqhwele wa lene e ntle, le dikatiba tsa kgabiso tsa lene e ntle, le marikgwana a lene e ntle e lohilweng;

29. le senyepa sa lene e ntle e lohilweng le purepera, le sekarelata, le krimsone, ka mokgwa wa mesebetsi e homilweng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

30. Hape, ha etswa lebenyane la kgauta e hlwekileng la moqhwele o kgethehileng; ha ngolwa ho lona lengolo la tiiso le reng: Kgalalelo ho Jehova;

31. la hokelwa ka kgole ya purepera, hore le bewe moqhweleng, kahodima wona, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.