BIBELE e Halalelang

Eksoda 39:11-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. molaneng wa bobedi ha bewa karabunkle, le safire, le daemane;

12. molaneng wa boraro, ha bewa hiasinthe, le agate, le amethiste;

13. molaneng a bone, ha bewa krisolite, le onikse, le jaspe. Mahakwe ana a ne a dikadikeditswe ka kgauta dikoomeneng tsa wona.

14. Mahakwe a ne a dutse ka ho ya ka lenaneo la mabitso a bana ba Iseraele a leshome le metso e mmedi, e leng mabitso a leshome le metso e mmedi a meloko e leshome le metso e mmedi, le leng le le leng ha ngolwa lebitso la lona, ka mokgwa wa tiiso.

15. Mokgajwaneng ha etswa maqakatsa a lohilweng, ka mokgwa wa mosebetsi o tshopilweng, a kgauta e hlwekileng.

16. Ha etswa dikotjana tse pedi tsa kgauta le mehwele e mmedi ya kgauta; mehwele e mmedi ya bewa dintlheng tsa mokgajwana.

17. Ha bewa maqakatsa a mabedi a kgauta mehweleng e mmedi, dintlheng tsa mokgajwana;

18. dintlha tse ding tse pedi tsa maqakatsa a mabedi tsa kenngwa dikotjaneng tse pedi; tsa bewa mabanteng a efoda, kapele ho wona.

19. Hape, ha etswa mehwele e mmedi ya kgauta, ya bewa dintlheng tse pedi tsa mokgajwana, mophethong o bapileng le efoda, kahare.

20. Ha ha etswa mehwele e meng e mmedi ya kgauta ya bewa mabanteng a mabedi a efoda, katlase, kantle ho yona, haufiufi le moo e rokahantsweng teng, kahodima senyepa sa efoda.

21. Mokgajwana wa hokelwa ka mehwele ya wona mehweleng ya efoda ka kgole ya purepera, o tle o eme hodima senyepa sa efoda, le hore makgajwana o se ke wa sutha efodeng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.

22. Kobo ya efoda yona ya lohuwa, ya etswa ka purepera kaofela ha yona;

23. lesoba la kobo le hare ho yona le ne le le jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani; mmenong wa lesoba ho ne ho ena le moqhaka o tshophilweng o potang kahohle, hore kobo e tle e se ke ya taboha.