BIBELE e Halalelang

Eksoda 38:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Ya etsetswa dinaka dintlheng tse nne; dinaka tsa yona di ne di tswa ho yona, mme ya manehwa ka koporo.

3. Hape, ha etswa mesebetsi ya aletare, dipitsana tsa molora, le dikgarafu, le mehope, le difereko, le dipitsa tsa dibano; mesebetsi yohle ya yona ya etswa ka koporo.

4. Aletare ya etsetswa rostere ya koporo, e bewang tlasa mophetho wa yona, mahareng a yona.

5. Ya tshollelwa mehwele e mene ya koporo, dintlheng tse nne tsa rostere, ho kenya mejaro.

6. Mejaro yona ya etswa ka sefate sa leoka, mme ya manehwa ka koporo;

7. mejaro ya kenngwa mehweleng, mahlakoreng a aletare, hore e jarwe ka yona; ya etswa ka dipolanka, e le sekoti kahare.

8. Yaba ho etswa morifi wa koporo, le sedulwana sa wona sa etswa ka koporo, ho nkilwe diipone tsa ho ipona tsa basadi ba sebetsang, ba neng ba etla tshebeletsong ka dihlopha, monyako wa tente ya pokano.

9. Ha ntoo etswa lebala; ka nqa borwa, ha etswa masela a lepeletseng a lebala a lene e ntle e lohilweng a ditswe tse lekgolo;

10. ha etswa le ditshiya tse mashome a mabedi, le didulwana tsa tsona tse mashome a mabedi tsa koporo, le dipekere tsa ditshiya le dithupa tsa tsona tsa silefera.