BIBELE e Halalelang

Eksoda 38:19-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. ditshiya tsa wona tse nne le didulwana tsa tsona tse nne tsa etswa ka koporo; dipekere tsa tsona tsa etswa ka silefera, mme dihlooho tsa tsona le dithupa tsa tsona tsa etswa ka silefera.

20. Haele dithakgisa tsa tabernakele le tsa lebala lohle, tsa etswa ka koporo.

21. Ke yona palo ya mesebetsi ya tabernakele, e leng tabernakele ya bopaki, e entsweng ka taelo ya Moshe; ya eba mosebetsi wa Balevi, ba laelwa ke Ithamare, mora Aarone, moprista.

22. Haele Betsaleele, mora Uri, mora Hure, wa leloko la Juda, a etsa tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe,

23. a ena le Oholiabe, mora Akisamake, wa leloko la Dane, e le sebetli, le seqapi, le sehomi se homang ka purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle.

24. Haele kgauta kaofela e keneng mosebetsing, e leng mosebetsi wohle wa sehalalelo, ke ena: Kgauta ya kabelo e tsokoditsweng ya eba talenta tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong tse nang le dishekele tse makgolo a supileng a mashome a mararo, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo.

25. Haele silefera ya bohle ba phutheho ba badilweng, ya eba ditalenta tse lekgolo le nang le dishekele tse sekete se nang le makgolo a supileng a mashome a supileng a metso e mehlano, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo;

26. ya eba beka bakeng sa e mong le e mong, halofo ya shekele, ha ho uwa ka shekele ya sehalalelo, bakeng sa bohle ba badilweng, ho tloha ho ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele, ba etsa dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro tse nang le makgolo a mahlano a mashome a mahlano.

27. Ka ditalenta tsa silefera tse lekgolo, ha tshollwa didulwana tsa sehalalelo le didulwana tsa lesira: Ha etswa didulwana tse lekgolo ka ditalenta tse lekgolo, sedulwana se seng ka talenta e le nngwe.

28. Ka dishekele tse sekete se nang le makgolo a supileng a mashome a supileng a metso e mehlano, ha etswa dipekere tsa ditshiya, ha manehwa dihlooho tsa tsona, mme ditshiya tsa kgabiswa ka dithupa.

29. Haele koporo ya kabelo e tsokoditsweng, ya eba talenta tse mashome a supileng a nang le dishekele tse kete tse pedi tse nang le makgolo a mane.

30. Ka yona ha etswa didulwana tsa monyako wa tente ya pokano, le aletare ya koporo, le rostere ya yona ya koporo, le mesebetsi yohle ya aletare;

31. ha etswa le didulwana tsa lebala lohle, le didulwana tsa monyako wa lebala, le dithakgisa tsa tabernakele, le dithakgisa tsa lebala lohle.