BIBELE e Halalelang

Eksoda 36:6-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Yaba Moshe o laela hore ho tumiswe diahelong taba e reng: Banna le basadi ba se ke ba hlola ba tlisa dikabelo tse abetsweng mosebetsi wa sehalalelo. Setjhaba sa thibelwa kahoo ho nna se tlisa;

7. hobane dintho tsa ho sebetsa mosebetsi wohle di ne di se di lekane; le ho sala di ne di tla sala.

8. Banna bohle ba masene, ba sebetsang mesebetsi, ba sebetsa tabernakele ka masela a leshome a lene e ntle e lohilweng, a purepera le sekarelata, le krimsone; a etswa a homilweng ka dikerubime, ka mokgwa wa mosebetsi o etswang ka masene;

9. bolelele ba lesela ya eba tswe tse mashome a mabedi a metso e robileng meno e le mmedi; bophara ba lesela ya eba tse nne; masela wohle a etswa ka tekanyo e le nngwe.

10. Ha rokellwa masela a mahlano hammoho, mme ha rokellwa masela a mang a mahlano.

11. Ha etswa mahokelo a purepera mophethong wa lesela le leng, ntlheng ya masela a rokeletsweng; ha etswa jwalo hape mophethong wa lesela, le ntlheng ya masela a mang a rokeletsweng.

12. Ha etswa mahokelo a mashome a mahlano leseleng le leng, hape ha etswa mahokelo a mashome a mahlano ntlheng ya lesela le qetellang a mang a rokeletsweng, hore mahokelo a bape.

13. Ha etswa dikgoketsane tse mashome a mahlano tsa kgauta, ha kopanngwa masela hammoho ka dikgoketsane; ka mokgwa o jwalo tabernakele ya eba ntho e phethehileng.

14. Hape, ha etswa masela a boya ba podi a ho etsa tente ya tabernakele; ha etswa masela e leshome le motso o mong.

15. Bolelele ba lesela ya eba ditswe tse mashome a mararo; bophara ba lesela ya eba ditswe tse nne; masela ao a leshome le motso o mong a etswa ka tekanyo e le nngwe.

16. Ha rokellwa masela a mahlano hammoho, ha boela ha rokellwa masela a tsheletseng kahosele.

17. Ha etswa mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya masela a mang a rokeletsweng hammoho; hape, ha etswa mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le qetellang masela a mang a rokeletsweng hammoho.