BIBELE e Halalelang

Eksoda 36:12-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ha etswa mahokelo a mashome a mahlano leseleng le leng, hape ha etswa mahokelo a mashome a mahlano ntlheng ya lesela le qetellang a mang a rokeletsweng, hore mahokelo a bape.

13. Ha etswa dikgoketsane tse mashome a mahlano tsa kgauta, ha kopanngwa masela hammoho ka dikgoketsane; ka mokgwa o jwalo tabernakele ya eba ntho e phethehileng.

14. Hape, ha etswa masela a boya ba podi a ho etsa tente ya tabernakele; ha etswa masela e leshome le motso o mong.

15. Bolelele ba lesela ya eba ditswe tse mashome a mararo; bophara ba lesela ya eba ditswe tse nne; masela ao a leshome le motso o mong a etswa ka tekanyo e le nngwe.

16. Ha rokellwa masela a mahlano hammoho, ha boela ha rokellwa masela a tsheletseng kahosele.

17. Ha etswa mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya masela a mang a rokeletsweng hammoho; hape, ha etswa mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le qetellang masela a mang a rokeletsweng hammoho.

18. Hape, ha etswa dikgoketsane tsa koporo ho kopanya tente, hore e etse ntho e le nngwe.

19. Tente ya etsetswa sekgurumetso sa matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu; le sona sa apeswa ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi.

20. Ha etswa dipolanka tsa tabernakele ka fate tsa leoka, hore e tsebe ho ema;

21. bolelele ba polanka ya eba ditswe tse leshome, bophara ba polanka ya eba setswe se nang le halofo.

22. Polanka e nngwe le e nngwe ya etsetswa dimapo tse pedi tse bapileng. Dipolanka tsohle tsa tabernakele tsa etswa jwalo le tsona.

23. Ha etswa dipolanka tsa tabernakele tse mashome a mabedi ka nqa borwa;

24. ha etswa didulwana tsa silefera tse mashome a mane, tsa bewa tlasa dipolanka tse mashome a mabedi; polanka e le nngwe ya eba le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona, mme polanka e nngwe ya eba le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona.

25. Lehlakore la bobedi la tabernakele, le ka nqa leboya, la etsetswa dipolanka tse mashome a mabedi,

26. le didulwana tsa tsona tsa silefera tse mashome a mane; polanka e nngwe ya eba le didulwana tse pedi, e nngwe hape polanka ya eba le didulwana tse pedi.

27. Haele motseo wa tabernakele, ka nqa bophirimela, wa etsetswa dipolanka tse tsheletseng.

28. Le dikgutlo tsa tabernakele tse motsheo, tsa etsetswa dipolanka tse pedi.

29. Tsa kopanngwa katlase, hape tsa kopanngwa le kahodimo ka mofapo; dipolanka tse pedi tsa dikgutlo tse pedi tsa etswa jwalo.

30. Ha ho le jwalo, ha etswa dipolanka tse robileng meno e le mmedi le didulwana tsa tsona tsa silefera; didulwana tsa eba leshome le metso e tsheletseng, tsa eba ka bobedi tlasa polanka e le nngwe, tsa eba ka bobedi tlasa polanka e nngwe hape.