BIBELE e Halalelang

Eksoda 36:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya tsebo le ya ketso, ba tla ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso ya sehalalelo, kahohle kamoo Jehova a laetseng kateng.

2. Yaba Moshe o bitsa Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a kentseng bohlale pelong tsa bona, e leng bohle ba kgannilweng ke pelo tsa bona ho tla etsa mosebetsi.

3. Ba nka ho Moshe dikabelo tsohle tse abetsweng Jehova, tse tlisitsweng ke bana ba Iseraele ho etsa mesebetsi ya tshebeletso ya sehalalelo. Le jwale, ka ho rata, ba ne ba ntse ba tlisa dikabelo ka hosasa ho hong le ho hong.

4. Yaba banna bohle ba masene, ba sebetsang mesebetsi yohle ya sehalalelo, ba tlohela e mong le e mong mosebetsi oo a o sebetsang, ba tla, ba re ho Moshe:

5. Setjhaba se se se tlisitse ho fetisa ho lekaneng mesebetsi eo Jehova a e laetseng hore e etswe.