BIBELE e Halalelang

Eksoda 35:4-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Moshe a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, a re: Se laetsweng ke Jehova ke sena:

5. Ntshang ho tsa lona seo le se abelang Jehova. Motho ka mong eo pelo ya hae e ratang, a ke a tlise se abetsweng Jehova, kgauta, silefera, le koporo;

6. purepera, sekarelata, krimsone, lene e ntle le boya ba podi; matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le matlalo a diqibi, le difate ta leoka;

8. ole ya ho bonesa, le dibano tsa ole ya setlolo, le dibano tse monko o monate;

9. mahakwe a onikse, le mahakwe a kenngwang dikoomaneng a efoda le a mokgajwana.

10. Banna bohle ba masene ba hara lona ba tle ba tle, ba sebetse tsohle tseo Jehova a di laetseng;

11. e le tabernakele le tente ya yona, le sekgurumetso sa yona, le mahokelo a yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;

12. le areka le mejaro ya yona, le sekwahelo, le lesela le homilweng;

13. le tafole le mejaro ya yona, le mesebetsi yohle ya yona, le mahobe a pontsha;

14. le kandelare ya ho bonesa le mesebetsi ya yona, le dilampi tsa yona le ole ya ho bonesa;

15. le aletare ya dibano le mejaro ya yona, le ole ya setlolo le dibano tse nkgang hamonate, le lesela le homilweng la monyako le etsetswang monyako wa tabernakele;

16. le aletare ya ditjheso, le rostere ya koporo, le mejaro ya yona le mesebetsi ya yona, le morifi le sedulwana sa wona;

17. le masela a lebala, le ditshiya tsa lona le didulwana tsa tsona, le lesela le homilweng la monyako wa lebala;

18. le dithakgisa tsa tabernakele, le dithakgisa tsa lebala le mehala ya tsona;

19. le diaparo tsa ho etsa tshebeletso sehalalelong, e leng diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae, tsa ho etsa mosebetsi wa boprista.

20. Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e tloha ho Moshe.

21. Motho ka mong ya eleditsweng ke pelo ya hae le bohle ba pelo di ithatetseng, ba fihla ba tlisetsa Jehova dikabelo ho sebetsa tente ya pokano, le tsohle tsa tshebeletso ya yona, le diaparo tse kgethehileng.

22. Banna ba tla ba ena le basadi; bohle ba pelo tse ithatetseng ba tlisa dihaka, le masale, le ditona, le mefitshana, le mesebetsi e meng ya kgauta ya mefutafuta; motho ka mong a hlahisa mpho ya kgauta eo a e hlahisetsang Jehova.

23. E mong le e mong ya neng a ena le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle, le boya ba podi, le matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le matlalo a diqibi, ba di tlisa.