BIBELE e Halalelang

Eksoda 35:22-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Banna ba tla ba ena le basadi; bohle ba pelo tse ithatetseng ba tlisa dihaka, le masale, le ditona, le mefitshana, le mesebetsi e meng ya kgauta ya mefutafuta; motho ka mong a hlahisa mpho ya kgauta eo a e hlahisetsang Jehova.

23. E mong le e mong ya neng a ena le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle, le boya ba podi, le matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le matlalo a diqibi, ba di tlisa.

24. Mang le mang ya ntshitseng karolo ya silefera le ya koporo e aroletsweng Jehova, a tlisa karolo e abetsweng Jehova: le bohle ba neng ba ena le difate tsa leoka tsa ho sebetsa mesebetsi ya tshebetso, ba di tlisa.

25. Basadi bohle ba masene ba loha ka matsoho a bona, mme ba tlisa seo ba se lohileng, e le purepera, sekarelata, le krimsone, le lene e ntle.

26. Basadi bohle ba eleditsweng ke pelo tsa bona, ba masene, ba loha boya ba podi.

27. Haele marenana, a tlisa mahakwe a onikse, le mahakwe a kenngwang dikoomaneng a efoda le a mokgajwana;

28. le dibano, le ole ya ho bonesa, le ole ya setlolo, le ya dibano tse monko o monate.

29. Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.

30. Yaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: Bonang, Jehova o bitsitse ka lebitso la hae Betsaleele, mora Uri, mora Hure, wa leloko la Juda;

31. o mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale le ka kutlwisiso, le ka tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle,

32. leha e le ho qapa e meng, le ho e etsa ka kgauta, le silefera, le koporo;

33. le ho betla mahakwe a kenngwang dikoomaneng, le ho betla difate, le ho etsa mesebetsi yohle e ka qapuwang.