BIBELE e Halalelang

Eksoda 32:8-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ba se ba kgelohile tsela eo ke neng ke ba laetse yona. Ba iketseditse namane e tsholotsweng, ba kgumamile pela yona, ba bile ba e hlabetse mahlabelo, ba itse: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!

9. Jehova a boela a re ho Moshe: Ke se bone setjhaba seno, mme ke re, ke setjhaba se melala e sataletseng.

10. Jwale, o ntlohele, bohale ba ka bo tle bo ba tukele, ke ba timetse; haele wena, ke tla o etsa setjhaba se seholo.

11. Moshe a nolofatsa Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho Jehova, na bohale ba hao bo ya tukellang setjhaba sa hao seo o se ntshitseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le matla?

12. E tla ba ka baka lang ha Baegepeta ba ka re: O ba ntsheditse ho ya ba ntsha kotsi, e le ho ya ba bolaela dithabeng le ho ba timetsa lefatsheng? Kgutla bohaleng ba kgalefo ya hao, mme o tlohele bobe boo o bo hopoletseng setjhaba sa hao.

13. Hopola Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, bahlanka ba hao, bao o ba hlapanyeditseng ka wena, wa re ho bona: Ke tla atisa ditloholo tsa lona, di be ka ka dinaledi tsa mahodimo, ke nee ditloholo tsa lona lefatshe lohle leo ke le boletseng, mme di le rue ka ho sa feleng.

14. Yaba Jehova o tlohela bobe boo a neng a bo hopoletse setjhaba sa hae.

15. Yaba Moshe o a kgutla, a theoha thabeng, a ena le matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae; matlapa ao a ne a ngodilwe ka nqa tse pedi, a ngodilwe ka kwano le ka kwana.

16. Matlapa ao e ne e le mosebetsi wa Modimo; lengolo e ne e le lengolo la Modimo, le ngodilweng matlapeng.

17. Joshua a utlwa mantswe a setjhaba ha se ntse se duduetsa; a re ho Moshe: Ho na le modumo wa ntwa diahelong.

18. Moshe a re: Hase mantswe a bahlodi ba arabelanang, kapa mantswe a ba hlotsweng ba arabelanang, ke utlwa mantswe a dumellanang a dipina.

19. Eitse ha a atamela diahelong, a bona namane le mehobelo. Yaba bohale ba Moshe bo a tuka, mme a lahla matlapa ka matsoho a hae, a a bolaya mosifeng wa thaba.

20. A nka namane e entsweng ke bona, a e tjhesa mollong, a ba a e tula phofo e tshesane haholo, a e akgela metsing, a e nosa bana ba Iseraele.