BIBELE e Halalelang

Eksoda 32:29-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Hobane Moshe o ne a itse: Ikgetheleng Jehova kajeno, leha e ka ba ho lwantsha e mong le e mong mora wa hae le ngwanabo, hore Modimo o tle o le hlohonolofatse kajeno.

30. Ka hosasane, Moshe a re ho setjhaba: Le sitilwe ka tshito e kgolo; jwale, a nke ke nyolohele ho Jehova; mohlomong nka etsa pheko ya tshito ya lona.

31. Moshe a boela ho Jehova, a re: Oho, tjhaba sena se sitilwe ka tshito e kgolo, ha se iketseditse modimo wa kgauta.

32. Jwale, hoja o ka ba tshwarela tshito ya bona! Ha ho se jwalo, hlakola hle lebitso la ka bukeng ya hao eo o e ngodileng.

33. Jehova a re ho Moshe: Ya ntshitelwang, ke yena eo ke tla mo hlakola bukeng ya ka.

34. Jwale, tloha, o ise setjhaba moo ke o boleletseng: Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; mme tsatsing leo ke otlang ka lona, ke tla ba otlela tshito ya bona.

35. Jehova a otla setjhaba jwalo, kahobane se ne se entse namane e entsweng ke Aarone.