BIBELE e Halalelang

Eksoda 32:24-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Ka ba ka re ho bona: Mang le mang ya nang le kgauta, a e role! Ba fela ba nneile, mme ke kentse kgauta mollong, mme ho tswile namane eo.

25. Moshe a bona setjhaba hoba ha se sa ikutlwa, hobane Aarone o ne a ba dihetse, hore ba songwe ke dira tsa bona.

26. Yaba Moshe o ya ema monyako wa diahelo, a re: Mang le mang ya reng ka Jehova a tle ho nna! Yaba bara ba Levi ba phuthehela ho yena.

27. A re ho bona: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: E mong le e mong wa lona a tlame sabole ya hae thekeng la hae, le ye le diahelo ho tloha monyakong o mong ho ya ho o mong, mme e mong le e mong wa lona a bolaye ngwanabo, mang motswalle wa hae, mang wa habo.

28. Bara ba Levi ba etsa ka polelo ya Moshe, mme tsatsing leo ha eshwa batho ba batlileng ho etsa kete tse tharo hara setjhaba.

29. Hobane Moshe o ne a itse: Ikgetheleng Jehova kajeno, leha e ka ba ho lwantsha e mong le e mong mora wa hae le ngwanabo, hore Modimo o tle o le hlohonolofatse kajeno.

30. Ka hosasane, Moshe a re ho setjhaba: Le sitilwe ka tshito e kgolo; jwale, a nke ke nyolohele ho Jehova; mohlomong nka etsa pheko ya tshito ya lona.

31. Moshe a boela ho Jehova, a re: Oho, tjhaba sena se sitilwe ka tshito e kgolo, ha se iketseditse modimo wa kgauta.

32. Jwale, hoja o ka ba tshwarela tshito ya bona! Ha ho se jwalo, hlakola hle lebitso la ka bukeng ya hao eo o e ngodileng.

33. Jehova a re ho Moshe: Ya ntshitelwang, ke yena eo ke tla mo hlakola bukeng ya ka.