BIBELE e Halalelang

Eksoda 32:12-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. E tla ba ka baka lang ha Baegepeta ba ka re: O ba ntsheditse ho ya ba ntsha kotsi, e le ho ya ba bolaela dithabeng le ho ba timetsa lefatsheng? Kgutla bohaleng ba kgalefo ya hao, mme o tlohele bobe boo o bo hopoletseng setjhaba sa hao.

13. Hopola Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, bahlanka ba hao, bao o ba hlapanyeditseng ka wena, wa re ho bona: Ke tla atisa ditloholo tsa lona, di be ka ka dinaledi tsa mahodimo, ke nee ditloholo tsa lona lefatshe lohle leo ke le boletseng, mme di le rue ka ho sa feleng.

14. Yaba Jehova o tlohela bobe boo a neng a bo hopoletse setjhaba sa hae.

15. Yaba Moshe o a kgutla, a theoha thabeng, a ena le matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae; matlapa ao a ne a ngodilwe ka nqa tse pedi, a ngodilwe ka kwano le ka kwana.

16. Matlapa ao e ne e le mosebetsi wa Modimo; lengolo e ne e le lengolo la Modimo, le ngodilweng matlapeng.

17. Joshua a utlwa mantswe a setjhaba ha se ntse se duduetsa; a re ho Moshe: Ho na le modumo wa ntwa diahelong.

18. Moshe a re: Hase mantswe a bahlodi ba arabelanang, kapa mantswe a ba hlotsweng ba arabelanang, ke utlwa mantswe a dumellanang a dipina.

19. Eitse ha a atamela diahelong, a bona namane le mehobelo. Yaba bohale ba Moshe bo a tuka, mme a lahla matlapa ka matsoho a hae, a a bolaya mosifeng wa thaba.

20. A nka namane e entsweng ke bona, a e tjhesa mollong, a ba a e tula phofo e tshesane haholo, a e akgela metsing, a e nosa bana ba Iseraele.

21. Yaba Moshe o re ho Aarone: Setjhaba sena se o entse jwang ha o tla se dihela sebeng se sekalo?

22. Aarone a re: Bohale ba monga ka bo se ke ba tuka. Tjhaba sena o a se tseba hoba se sekametse bobeng.

23. Ba itse ho nna: Re etsetse modimo o re etellang pele, hobane haele Moshe eno, monna ya re ntshitseng fatsheng la Egepeta, ha re tsebe se mo hlahetseng.

24. Ka ba ka re ho bona: Mang le mang ya nang le kgauta, a e role! Ba fela ba nneile, mme ke kentse kgauta mollong, mme ho tswile namane eo.