BIBELE e Halalelang

Eksoda 31:7-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. ke ho re tente ya pokano, le areka ya bopaki, le sekwahelo se bewang hodima yona, le mesebetsi yohle ya tabernakele;

8. le tafole le mesebetsi ya yona, le kandelare e hlwekileng le mesebetsi yohle ya yona, le aletare ya dibano;

9. le aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, le morifi le sedulwana sa wona;

10. le diaparo tsa tshebeletso, le diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ho etsa mosebetsi wa boprista;

11. le ole ya setlolo, le dibano tse monko o monate tsa sehalalelo. Ba tla sebetsa tsohle tseo ke o laetseng tsona.

12. Hape, Jehova a bolella Moshe a re:

13. Ako bue le bana ba Iseraele, o re: Le fele le boloke Disabatha tsa ka, hobane ke pontsho mahareng a ka le lona, melokong ya lona, e le hore le tsebe hoba ke nna Jehova ya le kgethileng.

14. Le boloke tsatsi la Sabatha, hobane, ho lona e tla ba le kgethehileng; ya le hlomphollang a bolawe; hobane ekare ha e mong a ka etsa mosebetsi tsatsing leo, motho eo a ke a kgaolwe tjhabeng sa habo.