BIBELE e Halalelang

Eksoda 31:13-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ako bue le bana ba Iseraele, o re: Le fele le boloke Disabatha tsa ka, hobane ke pontsho mahareng a ka le lona, melokong ya lona, e le hore le tsebe hoba ke nna Jehova ya le kgethileng.

14. Le boloke tsatsi la Sabatha, hobane, ho lona e tla ba le kgethehileng; ya le hlomphollang a bolawe; hobane ekare ha e mong a ka etsa mosebetsi tsatsing leo, motho eo a ke a kgaolwe tjhabeng sa habo.

15. Ka matsatsi a tsheletseng ho tla sebetswa, mme la bosupa e tla ba la Sabatha, la phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi ka tsatsi la Sabatha, a bolawe.

16. Bana ba Iseraele ba tla boloka la Sabatha, hore ba boloke Sabatha melokong ya bona, e be selekane sa kamehla.

17. Ke pontsho ya kamehla mahareng a ka le bana ba Iseraele; hobane ka matsatsi a tsheletseng, Jehova o entse mahodimo le lefatshe, mme ka la bosupa o phomotse, a kgatholoha.