BIBELE e Halalelang

Eksoda 31:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a bolella Moshe, a re: Bona, ke bitsitse Betsaleele, mora Uri, mora Hure, wa leloko la Juda, ka lebitso la hae,

3. ke mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale, ka kutlwisiso, ka tsebo, hore a tle a tsebe ho etsa mesebetsi ya mefutafuta,

4. leha e le ho qapa e meng, ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo,

5. le ho betla mahakwe a kenngwang dikoomaneng le ho betla difate, le ho etsa mesebetsi ya mefutafuta.

6. Bona, ke beile le Oholiabe, mora Akisamake, wa leloko la Dane; hape ke kentse bohlale pelong tsa batho bohle ba masene, hore ba sebetse tsohle tsee ke o laetseng tsona;

7. ke ho re tente ya pokano, le areka ya bopaki, le sekwahelo se bewang hodima yona, le mesebetsi yohle ya tabernakele;

8. le tafole le mesebetsi ya yona, le kandelare e hlwekileng le mesebetsi yohle ya yona, le aletare ya dibano;

9. le aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, le morifi le sedulwana sa wona;

10. le diaparo tsa tshebeletso, le diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ho etsa mosebetsi wa boprista;