BIBELE e Halalelang

Eksoda 30:31-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. O bolelle bana ba Iseraele, o re:

32. Ke yona ole ya setlolo e kgethehileng ho nna melokong ya lona; e se ke ya tshelwa nameng ya motho, mme le se ke la etsa e tshwanang le yona ho tswakweng ha yona. E kgethehile, le ho lona e kgethehile.

33. Mang le mang ya ka etsang ditlolo tse jwalo, kapa ya ka tlotsang moditjhaba ka tsona, a kgaolwe tjhabeng sa habo.

34. Hape, Jehova a re ho Moshe: O nke ntho tse monko o monate, setakte, le dikgetla tse monko o monate, le kgalbano, le dibano tse hlwekileng; di ke di lekane ka boima;

35. o di etse dibano tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse monko o monate, di be letswai, hape e be tse hlwekileng, tse kgethehileng.

36. O di tudisise haholo, o di bee pela bopaki, tenteng ya pokano, moo ke tla teana le wena teng; ho lona e tla ba ntho e kgethehileng haholo.

37. Ha o etsa dibano tseo, le se ke la iketsetsa tse tswakilweng ka mokgwa oo; ho wena e be tse kgethetsweng Jehova.