BIBELE e Halalelang

Eksoda 30:22-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Hape, Jehova a bolella Moshe, a re:

23. O nke dibano tse kgethehileng, tsa mirra e metsi tse boima ba dishekele tse makgolo a mahlano le halofo ya boima bo kalo ya sinnamone e monko o monate, e leng dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano, le lehlaka le monko o monate le boima ba dishekele tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano,

24. le dishekele tse makgolo a mahlano tsa kasia, ha ho lekanngwa ka shekele ya sehalalelo, le tekanyo ya hine ya ole ya mohlwaare.

25. Ka tseo, o tla etsa ole ya setlolo e kgethehileng, tswako e monko o monate, e entsweng ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate. E tla ba ole ya setlolo e kgethehileng.

26. Ka yona, o tla tlotsa tente ya pokano le areka ya bopaki,

27. le tafole le mesebetsi yohle ya yona, le kandelare le mesebetsi yohle ya yona, le aletare ya dibano,

28. le aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, le morifi le sedulwana sa wona.

29. O di kgethe e be dintho tse kgethehileng haholo; tsohle tse tla di ama di tla kgetheha le tsona.

30. O tlotse Aarone le bara ba hae, mme o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.

31. O bolelle bana ba Iseraele, o re:

32. Ke yona ole ya setlolo e kgethehileng ho nna melokong ya lona; e se ke ya tshelwa nameng ya motho, mme le se ke la etsa e tshwanang le yona ho tswakweng ha yona. E kgethehile, le ho lona e kgethehile.

33. Mang le mang ya ka etsang ditlolo tse jwalo, kapa ya ka tlotsang moditjhaba ka tsona, a kgaolwe tjhabeng sa habo.

34. Hape, Jehova a re ho Moshe: O nke ntho tse monko o monate, setakte, le dikgetla tse monko o monate, le kgalbano, le dibano tse hlwekileng; di ke di lekane ka boima;